Naha e a tjha

SeSotho: Opinion Piece By Thabo Moloi.

Help us oppose corruption

OUTA is standing up against government corruption and mismanagement. Our work is made possible though donations by our paying supporters.

28/05/2019 10:59:38

Naha e a tjha


Ke ditshiunyana feela re tswa dikgethong tsa setjhaba kaofela naheng ya rona ya Afrika Borwa, ba bang ba ditshwantshisa le ka nako eo sethaba se ne se qala ho ya dikgethong ka 1994.

Mabaka a fapane a mangata hobaneng ba bua jwalo hape enngwe ya dipotso re tlamehang ho ipotsa yona ke hore hobaneng ba kgetha ho bua jwalo, le hore re fatisise hore bona ke bo mang, ke eng eo ba shebileng hore batla tla ba efumntshwa?.

Dibakeng tsa dipolotiki ha ona ntho e buang feela, le ntho e etsuang feela e sa tobisana le nthla tse itseng, ka morero wa wa ho ntshetsa batho ba itseng pele kapa morao.

Ka tjhebelo pele yaka ke bona e kare ba etelli pele ba dipolotiki ba itjhebile bona le mpa (malapa, metswalle, le ba o ba haufi le bona ba phidisanang le bona ka ho tsa di kgwebo jwalo jwalo) tsa bona, mokgwa oo ba etsang dintho ka teng ha e fane ka kelello ya hore ba tsotella bao ba ba kgethileng ka ho ba beha ditulong tseo tse mufuthu tse mabothobotho ba dutseng ho tsona.

Mokgwa oo o ke bonang ka ona ke ka moo ditshebediso tsa bohlokwa tse tshwanang le tsamaiso ya thuto, tsamaiso ya bo masepala (e leng yona barometer eo batho ba ahlolang mmuso ka yona), le tsamaiso ya matlo kapa budulo.

Batho ba dula naheng tse tjheleng dibakeng tse fapaneng Afrika Borwa ha re a hlola ka mantsoe a karolo 138 le 140 ya Municipal Financial Management Act ya dilemo tsa 2018/2019.

Manyofonyofo a tsamaiso ditjheleteng le ka tsela eo batho ba hlokang bokgoni le kutlwisiso ya tsamaiso ya Local Government: Municipal Financial Management Act, Municipal Systems Act, Municipal Property Rates Act, Municipal Fiscal Powers and Functions Act, Municipal Structures Act, Preferential Procurement Policy Framework Act le Municipal Demarcation Act and Regulations ke koduwa naheng ya rona.

Potso enngwe bo ramolao ha holo holo bashebaneng le ditsamaiso tsa dimansepala (Local Government Practitioners) mafapeng kaofela re tlamehang hore re e arabe ke hore hobaneng re dumella hore re sebediswe hampe ke borapolotiki re sa ikemele, re emela le setjhaba le molao-theo?

Mathata a e pheta-pheta pela rona ele mathata a dilemo a bileng a se a tlwaelehile ka hara rona, empa re ntse re fetisa pene feela re etsa e kare ha re a ameha.

Batho ba bile ba nkile qeto ya hore batla ikemela ka maoto a bona bai pone hore ba phonyoha jwang qakeng eo ba phelang ka hara yona, ba tjhesa mebila, dikolo, meaho ya bophelo le diofisi tsa mansepala, le thepa ya dikhanselara tse tlamehang hore di ba etelle pele, bakeng la hore ha o moo ba fumantshwang thuso teng, le dipotso tsa bona ha di arajwe.

Mekgatlo ya dipolotiki e teng e atile naheng ya borona empa e sebetsa le ho bonahala hantle ha ngata ka nako tsa dikgetho, ha o fetile dikgetho difeta le ponahatso ya bona, batla kgutla ba iponahatsa hape ha ho thwe ke dikgetho tse ding tse ntjha.

Tabakgolo naheng ya rona ke hore baetapele setjhabeng ba itekantshitse le molao-theo, ha ona letswalo ho bona la tlhompo le ho tshaba molao, e le pakela e etsang hore ba tswele pele ba etsa dintho ka tsela eo ba ntseng ba dietsa ka teng. Hobane, ha be ne ba tseba hore ho nale ditla-morao ha motho a sa phete mosebetsi wa hae ke a tshepa hore maphelo a batho ha holo bao ba itshitlehileng ho mmuso a ne a tla fetoha a be betere.

Le rona re le setjhaba ke tokelo ya rona hore re kgethe baetapele bao re ba tsebang le bao re ba tshepang ba buellwa ke mesebetsi ya matsoho a bona, e seng moferefere oo re o bonang kajeno hore motho a hlahe e kare o tswa thoteng e be o re ke moetapele, le rona re se ke ra ikgathatsa ka hore o tswa kae.

Mmuso ke batho, mmuso ke wa batho, mmuso o fuwe batho ha batho ba kopanye mantswe a bona ba itwanele, ba ipuelle le ho ikemela. Re itshitlehile ho “boramolao” nakong e telele le jwale ba ntse basa bontshe maikemisetso a ho fetoha, ho etsa dintho betere, ho kgathalla batsofe, le baqhwadileng mmeleng le dikelellong, le bana.

Nako enngwe ha e o, moloko o latelang rona o tlilo fumana naha ee e le dithako, naha e tjhele ha re saeme ka yona nako ena ho lokisa dintho, re dinatla tseo setjhaba se shebileng hore tshepo ya sona e tla tswa teng. 



OUTA is a proudly South African civil action organisation, that is purely crowd funded. Our work is supported by ordinary citizens who are passionate about holding government accountable and ensuring our taxes are used to the benefit of all South Africans.